Soil 2											Sesotho

Teko le tsamaiso ho teteaneng ha mobu 

Instructions: 

Folio strap: Mobu

Byline: Ditaba tsena ke diphehiso tsa eo e bileng molemi

Caption: 	

Setshwantsho 1: Motjhine o methang ho teteana ha mobu o fana ka lesedi la se etsahalang mobung. 



Ditabeng tsa rona, leqepheng la 5 ho isa ho 8 re hlalositse ho teteana ha mobu le hore ho ba teng jwang. Ditaba tsa kajeno di tla hlalosa ka moo motjhine o methang ho teteana ha mobu o sebetsang ka teng le ka moo o ka laolang ho teteana ha mobu ka teng.



 Ha o sebedisa metjhine e methang ho teteana ha mobu (compaction testers)







Setshwantsho 1













Motjhine o methang ho teteana ha mobu o fana ka lesedi la se etsahalang mobung. Empa e le e nngwe ya disebediswa tse ngata le mekgwa e sebediswang ho beha leihlo qakeng ya ho teteana ha mobu. Molemo wa motjhine ona ke hore masimo a ka hlahlojwa ha bonolo nakong efe le efe ya sehla sa kgolo. Ha ho bonahala hore dimela di na le mathata a itseng, ho ka fihlelwa qeto ka potlako hore na kapa tjhe mathata ke ho teteana ha mobu. Hape, nako e ntle ka ho fetisisa ya ho sebedisa penetrometer ke nakong eo boemo ba mongobo wa masimo bo leng mahareng. Maemo a komello e kgolo kapa maemo a seretse se sengata a ke ke a fana ka diphetho tse tshepahalang.

Thestara ena e na le peipi ya khoune (cone) ya tshepe ya 30 degree, e nang le shaft le pressure gauge. Dikhoune tsa mebu e bonolo le e thata di a fumaneha. Dintlha tsena di reretswe ho etsisa motso wa semela o holang mobung. Sesebediswa sena se o fa sephetho sa dipalo ka dikilopascals tse methang thibelo ya mobu ho kenellwa. Dipalo (readings) tsena di ka o bontsha mehato e fapaneng ya ho teteana ha mobu mehatong e fapaneng ya mobu. Dipalo tsena di boetse di ka fana ka mmapa wa polasi yohle kapa masimo bohareng e le hore o kgone ho ba le setshwantsho sa bothata ba ho teteana ha mobu sebakeng se phatlalletseng.



Taolo ya ho teteana ha mobu

Tse ding tsa ditharollo qakeng ya ho teteana ha mobu di kgutsufaditswe tlase mona:

Fokotsa ho phethola mobu ka sepheo sa ho fetohela mokgweng wa paballeho ho kenyelleditswe ho phethola mobu hanyane. 

Ntsha le ho sebedisa diterekere le disebediswa tse ding tsa temo kapa disebediswa tse itsamaisang nakong eo masimo a seng a le boemong ba ho sebetswa kapa pelenyana ho moo. Boemo ba mongobo wa mobu bo ka hlahlojwa pele mosebetsi wa ho phethola o simolla. Sena se etswa ka ho nka sampole ya mobu botebong ba 15 cm mobung o ka hodimo. Leka ho bopa polokwe ka mobu. Ha e kopana ha bonolo, e momahana, o tsebe hore mobu oo o metsi haholo. Ha e foforeha ha bonolo, mobu oo o omme ho lekaneng hore o ka phetholwa kapa wa hatwa ke sephethephethe se matla. 

Fokotsa ka matla tshebediso ya mohoma wa mouldboard.

Sebedisa disebediswa tsa tyne bakeng sa ho lema ho tebileng ha mouldboard e le hore o kgone ho tabola ka ho teba kapa ho etsa mesebetsi ya ho phetholella masalla a dimela a setseng masimong. 

5.	Ha o tabola, mme o teba, sebedisa tyne e sa tshwenyaneng le bokahodimo ba mobu, empa e pshatlang lekgapetla (ho teteana) lefe kapa lefe le thata la mobu le pakeng tsa botebo ba 25 cm le 45 cm ka tlasa mobu. 

6.	Ha o lema, sebedisa setabodi sa tyne (ripper tyne) e sa tshwenyaneng le bokahodimo ba mobu, empa e etsang bonnete hore ho teteana hofe kapa hofe ho bakwang ke dipula tse matla, kapa sephethephethe, ho a pshatlwa ka tlase kapa pela mela e jetsweng. Etsa bonnete hore peo e jalwa lehlakoreng le le leng la manyolo le la mola o tabotsweng.

 7. 	Sebedisa ho tabola ho “metsi” pakeng tsa mela ya dijothollo tse jetsweng ha ho se ho jetswe, ka sepheo sa ho pshatla/roba ho teteana ho ka hodima mobu. Sena se thusa hore mobu o fumane moya le ho kgothaletsa hore pula tse tla na di monyele, di tebe.

 8. 	Ho bohlokwa ho kenyelletsa phapanyetsanong efe kapa efe ya dijothollo dijothollo tsa mefuta e fapaneng ya metso e tla thusa ho roba kapa ho fetola popeho ya mobu (ho teteana ha mobu). Phapanyetsanong, koro, soneblomo, poone le dinawa tsa soya di tla thusa ho fokotsa lekgapetla le thata mobung. Dimela tsa mofuta wa jwang tseo metso ya tsona e phatlalletseng ka ho lekana di ka fapanyetswa ka dijothollo tsa metso e tebileng ho ya tlase. Oats le dijothollo tse nonneng tsa mabastere, tse nang le metso e matla di ka kenyelletswa ho ntlafatsa kgahlanong le ho teteana ha mobu hammoho le ho phetholwa ha mobu ka nako e le nngwe moo molemi a sa rateng ho jala teng ka nako tsohle. Dijothollo di ka nna tsa fapanyetsana le dijothollo tsa nako tsohle nako ya dilemo tse pedi ho isa ho tse tharo ho phomotsa mobu tshenyong e bakwang ke metjhine. Kuno dijothollong hangata e a ntlafala ha ho boela ho jalwa ka mokgwa wa disaekele.

9.	Fetela tabeng ya ho tjheha (setting) diterekere le disebediswa tse ding ka bophara bo lekantsweng ba lebidi le ba sesebediswa e le hore mokgwa wa taolo ya sephethephethe o ka sebediswa tshebetsong yohle ya masimo. Ha diterekere di tsamaya moo mobu o seng o teteane teng, matla a hlokahalang a a fokotseha, mme tshebediso e hlwahlwa ya diesel e a fihlellwa. Dibaka hammoho le mela eo dimela di jalwang ho yona ha di teteane ho hang mabapi le sehla sa jwale. Masimo a ka nna a fihlelleha ka mora dipula tse matla ka ho sebedisa menyabuketso (tracks) ya mabidi, e seng e ntse e le teng.

10. Simolla ho sebedisa mekgwa ya paballeho ya temo ka ho fokotsa taba ya ho phethola mobu, mme o phehelle ho bokella mobung tsohle tse bolang. Sena o se etse nakong ya dilemo tse tharo ho isa ho tse nne tse hlahlamang.





